2 Dikgosi 7:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: <Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.> ”

2. Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!”Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”

3. Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa?

4. Ha re ka re: <Re tla kena ka motseng,> tlala e teng ka motseng, re tla shwela teng. Le teng ha re dula mona, re tla nne re shwe. Ka baka lena tloong, re itahleleng hara lebotho la Baarame. Haeba lebotho leo le ka re pholosa, re tla phela; le teng haeba le re bolaya, re tla nne re shwe!”

5. Ka shwalane banna bao ba ema, ba ya diahelong tsa Baarame. Ha ba fihla qetheng ya diahelo tsa Baarame, ba fumana ho se na motho.

6. Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”

7. Ka baka leo, ha shwalane e tshwara, ba baleha, ba siya ditente tsa bona, le dipere tsa bona, le ditonki tsa bona hona moo. Diahelo tsa sala di ntse di le jwalo, ba baleha hore ba ipholose.

8. Ha balepera bana ba fihla qetheng ya diahelo, ba kena ka tenteng e nngwe; ba fihla ba eja, ba enwa, ba nka silefera, le kgauta, le diaparo, ba tsamaya, ba ya pata dintho tsena. Ba kgutlela diahelong hape, ba kena ka tenteng e nngwe hape, le teng ba thotha, ba ya pata.

9. Yaba ba a buisana, ba re: “Kwana ha re etse hantle. Letsatsi lena ke letsatsi la ditaba tse monate, empa ha re eso bolelle motho. Haeba re ka dieha ho bolela, bosiu ba ba ba esa, re tla hlahelwa ke tsietsi. Ka baka lena, a re yeng, re yo bolella ba lelapa la kgosi.”

10. Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”

11. Molebedi eo a bitsa balebedi ba bang, mme ba ya bolella lelapa la kgosi.

12. Kgosi ya tsoha hara bosiu, ya re ho bahlanka ba yona: “Jwale ke tla le bolella seo Baarame ba re entseng sona. Ba a tseba hore re a lapa; ka baka leo, ba tlohile diahelong tsa bona, ba ya ipata hara naha, ba re: <Etlare ha ba etswa motseng re ba tshware ba ntse ba phela, ebe re kena motseng.> ”

13. Empa e mong wa bahlanka ba kgosi a araba, a re: “Ereng ba bang ba palame dipere tse hlano tsa tseno tse ntseng di setse mona motseng, re ba rome, ba yo bona se etsahetseng. Haeba ba ka phela, ba tla tshwana le Baiseraele ba bang ba ntseng ba phela; le teng haeba ba eshwa, ba tla nne ba tshwane le Baiseraele bohle ba seng ba shwele.”

2 Dikgosi 7