2 Dikgosi 6:8-19 BIBELE (SSO89SO)

8. Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.”

9. Jwale moporofeta wa Modimo a ya ho kgosi ya Iseraele, a re: “Hlokomela, o se ke wa feta sebakeng se itseng, hobane Baarame ba tla theoha le hona moo.”

10. Kgosi ya Iseraele ya romela molaetsa ho baahi ba sebaka seo, seo moporofeta wa Modimo a mmoleletseng sona, hore ba dule ba itebetse, kgosi e tle e pholohe. Hona ho ile ha etsahala ka makgetlo a mangata, e seng hanngwe kapa habedi feela.

11. Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”

12. E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”

13. Kgosi ya re: “Tsamayang, le yo batla hore na o hokae, ke tle ke yo mo tshwara!” Kgosi ya bolellwa, ha thwe: “O motseng wa Dotane.”

14. Ka baka lena, kgosi ya ntsha dipere, le dikariki tsa ntwa, le lebotho le leholo. La fihla motseng oo wa Dotane e le bosiu, la o etsetsa sakana-la-nkope.

15. Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?”

16. Moporofeta a mo araba, a re: “O se ke wa tshaba. Ba ka lehlakoreng la rona ba bangata ho feta ba ka lehlakoreng la bona.”

17. Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.

18. Ha Baarame ba seohela Elisha, yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela: Ako foufatse batho bana.” Morena a ba foufatsa ho ya ka thapelo ya Elisha.

19. Yaba Elisha o re ho bona: “Tsela ena hase yona, le motse ona hase oona. Ntateleng, mme ke tla le isa ho motho eo le mmatlang.” Empa a ba isa Samaria.

2 Dikgosi 6