24. Kamora tsena, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya mabotho wohle a hae, a nyoloha, a fihla a etsetsa Samaria thibella.
25. Tlala e kgolo ya eba teng moo Samaria. Ba thibella Samaria ho fihlela ha hlooho ya tonki e ba e rekiswa silefera e etsang boima ba kilo, mme moroho o bitswang masepa a leeba, o etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, o rekiswa silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.
26. Ka tsatsi le leng ha kgosi e ntse e tsamaya hodima lerako la motse, mosadi e mong a e howeletsa, a re: “Monga ka, kgosi ya ka, nthuse hle!”
27. Kgosi ya re: “Haeba Morena a sa o thuse, nna nka o thusa ka eng? Ha ke na koro kapa veine!”
28. Kgosi ya boela ya re ho yena: “O jewa keng?”Mosadi eo a araba, a re: “Mosadi enwa o itse ho nna: <Tlisa ngwana wa hao, re mo je kajeno; hosasane re tla ja wa ka!>
29. Ra fela ra pheha ngwana wa ka, ra mo ja. Ka la hosasane ka re ho yena: <Tlisa ngwana wa hao, re mo je;> empa jwale o patile ngwana wa hae.”
30. Ha kgosi e utlwa dipolelo tsa mosadi enwa ya hahola diaparo tsa yona. Ha e ntse e tsamaya hodima lerako, batho ba tadima, mme ba bona hore kgosi e apere seaparo se mahwashe.
31. Jwale kgosi ya re: “Modimo a nketse tjena le tjena, le ho feta mona, haeba hona kajeno nke ke ka kgaola hlooho ya Elisha, mora wa Shafate.”
32. Empa Elisha o ne a ntse a ituletse ka tlung ya hae, a ena le baholo ba setjhaba. Kgosi ya roma monna ho Elisha, ho e etella pele, empa yare monna eo a eso ka a fihla ho Elisha, yaba Elisha o re ho baholo ba setjhaba: “Na le bona kamoo monna eo wa mmolai a rometseng motho ho tla kgaola hlooho ya ka kateng? Bonang mona: E tle ere ha leqosa leo le fihla, le kwale monyako, le le kwalle kantle. Na hoo hase diqi tsa monga lona, ya ntseng a le setse morao?”
33. Yare a sa ntsane a bua le bona, ba bona kgosi e se e fihla ho bona, e re: “Bonang, bomadimabe bona re bo tliseditswe ke Morena! Nka hlola ke sa lebella eng ho Morena?”