2 Dikgosi 6:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Sehlopha sa baporofeta sa re ho Elisha: “Bona mona, sebaka seo rona le wena re phelang ho sona ha se re lekane.

2. Re a o kopa: Ako re dumelle re ye Jorodane, mme motho ka mong a reme sefate, re ikgahele moo re tla dula teng.”Elisha a araba, a re: “Eyang!”

3. E mong wa bona a re: “Ke a o kopa: Ako ye le bahlanka ba hao.”Yena a araba, a re: “Ke tla ya.”

4. Yaba a ya le bona.Ha ba fihla Jorodane, ba rema difate.

5. Empa yare ha e mong a ntse a ratha sefate, selepe sa pshemoha mofenng, sa wela ka metsing. Eo a howa, a re: “A nna elwa, monga ka! Selepe sena se ne se adimilwe!”

6. Moporofeta wa Modimo a re: “Se wetse hokae?” Eo a mmontsha moo se wetseng teng. Elisha a rema thupa, a e akgela hona moo, mme selepe sa phaphamala hodima metsi.

7. Yaba Elisha o re: “Se nke!” Monna eo a nanabetsa letsoho, a se nka.

8. Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.”

9. Jwale moporofeta wa Modimo a ya ho kgosi ya Iseraele, a re: “Hlokomela, o se ke wa feta sebakeng se itseng, hobane Baarame ba tla theoha le hona moo.”

10. Kgosi ya Iseraele ya romela molaetsa ho baahi ba sebaka seo, seo moporofeta wa Modimo a mmoleletseng sona, hore ba dule ba itebetse, kgosi e tle e pholohe. Hona ho ile ha etsahala ka makgetlo a mangata, e seng hanngwe kapa habedi feela.

11. Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”

12. E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”

2 Dikgosi 6