2 Dikgosi 5:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Empa bahlanka ba hae ba atamela pela hae, ba bua le yena, ba re: “Ntate we, ha moporofeta a ne a o laetse hore o etse ntho e kgolo, na o ne o ke ke wa e etsa? Jwale ho bonolo hakaakang ha a re feela ho wena: <Tola, mme o tla fola!> ”

14. Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.

15. Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”

16. Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.

17. Jwale Naamane a re: “Ke a o rapela he: Ako nee mohlanka wa hao moqeqeko wa mobu o lekaneng ho beleswa dimmeileng tse pedi, hobane ho tloha jwale mohlanka wa hao a ke ke a hlola a etsetsa modimo o mong nyehelo ya setjheso, kapa mahlabelo, haese Morena feela.

18. Feela Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena: Ha monga ka a kena ka tempeleng ya Rimone ho ya rapela, a itshetlehile ka letsoho la ka, mme nna ke obamela fatshe ka tempeleng ya Rimone, Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena.”

19. Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.”Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha.

20. Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”

21. Yaba Gehasi o sala Naamane morao. Ha Naamane a bona a etla a matha, a theoha kariking ya hae ya ntwa, a mo Kgahlanyetsa, a re: “Molato keng?”

22. Gehasi a re: “Ha ho molato. Monga ka o nthomile ho wena, o re: <Hona jwale ho tswa fihla mona ho nna bahlankana ba babedi ba sehlopha sa baporofeta, ba tswang naheng e maralla ya Efraime. Ke a o rapela: Ako ba fe silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo le metso e mene, le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle.> ”

23. Yaba Naamane o re: “Ke a o rapela: Nka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a tsheletseng le metso e robedi.” A mo qophella hore a e nke. A kenya silefera eo ka mekotlaneng e mmedi, a e tlama. A nka le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle, mme tsena tsohle a di jarisa bahlanka ba hae ba babedi, ba eteletse Gehasi pele.

24. Ha ba fihla Ofele, Gehasi a di nka ho bona, a di kenya ka tlung. A re banna bao ba tsamaye, mme ba tsamaya.

2 Dikgosi 5