2 Dikgosi 5:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”

11. Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola.

12. Na metsi a dinoka tsa Damaseka, bo-Abana le Parapara, ha a a hlweka ho feta metsi wohle a naha ya Iseraele? Na nke ke ka tola ho tsona, yaba ke a fola?” Naamane a kgutla, a tsamaya a halefile.

13. Empa bahlanka ba hae ba atamela pela hae, ba bua le yena, ba re: “Ntate we, ha moporofeta a ne a o laetse hore o etse ntho e kgolo, na o ne o ke ke wa e etsa? Jwale ho bonolo hakaakang ha a re feela ho wena: <Tola, mme o tla fola!> ”

14. Ka hona a theoha, a qwela hasupa ka nokeng ya Jorodane, ho ya ka polelo ya moporofeta wa Modimo. Nama ya hae ya boela ya hloma, ya tshwana le ya ngwana wa lesea, yaba o a fola.

15. Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”

16. Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.

17. Jwale Naamane a re: “Ke a o rapela he: Ako nee mohlanka wa hao moqeqeko wa mobu o lekaneng ho beleswa dimmeileng tse pedi, hobane ho tloha jwale mohlanka wa hao a ke ke a hlola a etsetsa modimo o mong nyehelo ya setjheso, kapa mahlabelo, haese Morena feela.

18. Feela Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena: Ha monga ka a kena ka tempeleng ya Rimone ho ya rapela, a itshetlehile ka letsoho la ka, mme nna ke obamela fatshe ka tempeleng ya Rimone, Morena a ke a tshwarele mohlanka wa hao ntho ena.”

19. Yaba Elisha o re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.”Naamane a tsamaya sebakana ho tloha ho Elisha.

2 Dikgosi 5