2 Dikgosi 5:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.

2. Baarame ba ne ba ile ba futuha ka mabothwana a bona, ba tla ba thopile morwetsanyana wa Moiseraele, mme ya eba yena ya sebeletsang mohatsa Naamane.

3. Morwetsanyana a re ho mofumahadi wa hae: “Ha monga ka a ne a ka ya ho moporofeta ya phelang Samaria, o ne a tla mo fodisa lepera lena la hae.”

4. Naamane a kena ka ho monga hae, a mmolella, a re: “Morwetsanyana enwa ya tswang naheng ya Iseraele o bua tjena.”

5. Kgosi ya Arame ya re: “Tsamaya, o ye hona teng, mme nna ke tla ngolla kgosi ya Iseraele.” Naamane a tsamaya a nkile silefera e etsang boima ba dikilo tse makgolo a mararo le mashome a mane, le kgauta e etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng, le mefuta e leshome ya diaparo tse ntle.

6. A tlisetsa kgosi ya Iseraele lengolo le reng: “Ha lengolo lena le fihla ho wena, tseba hore ke rometse Naamane, mohlanka wa ka, ho wena, hore o mo fodise lepera leo la hae.”

7. Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!”

8. Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.”

9. Yaba Naamane o tla ka dipere tsa hae, le ka kariki ya hae ya ntwa, o fihla a ema kapele ho monyako wa ntlo ya Elisha.

10. Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”

2 Dikgosi 5