2 Dikgosi 4:36-44 BIBELE (SSO89SO)

36. Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.”

37. Mosadi a itihela maotong a Elisha, a obamela fatshe, a nka mora wa hae, a tswa.

38. Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”

39. E mong wa bona a ya naheng ho ya kga moroho. A fumana monyaku, a kga ditholwana tsa wona, tsa tlala seaparo sa hae, a fihla a o kgabella ka pitseng ya lesheleshele, hobane ba ne ba sa o tsebe.

40. Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola.

41. Moporofeta a re: “Tlisang phofo!” A faha pitsa ka phofo eo, mme a re: “Qhatsetsa batho bana, ba habole!” Lesheleshele le ne le se le se na kotsi.

42. Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”

43. Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tse kaalenyana tsee, ke tla di abela banna ba lekgolo jwang?”Elisha a pheta, a re: “Di fe batho bana, ba je, hobane Morena o bua tjena: <Ba tla ja, ba be ba di siye.> ”

44. Yaba o ba abela tsona. Ba eja, ba ba ba di siya, ho ya kamoo Morena a ileng a bua kateng.

2 Dikgosi 4