2 Dikgosi 4:23-30 BIBELE (SSO89SO)

23. Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!”Mosadi a re: “Ho lokile!”

24. A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.”

25. Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele.Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!

26. Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: <O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang?> ”Mosadi a araba, a re: “Hantle!”

27. Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”

28. Yaba mosadi o re: “Na nkile ka kopa ngwana ho monga ka! Na ha nka ka re: <O se ke wa nthetsa>?”

29. Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”

30. Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo.

2 Dikgosi 4