2 Dikgosi 4:22-36 BIBELE (SSO89SO)

22. A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.”

23. Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!”Mosadi a re: “Ho lokile!”

24. A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.”

25. Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele.Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane!

26. Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: <O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang?> ”Mosadi a araba, a re: “Hantle!”

27. Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”

28. Yaba mosadi o re: “Na nkile ka kopa ngwana ho monga ka! Na ha nka ka re: <O se ke wa nthetsa>?”

29. Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”

30. Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo.

31. Gehasi a ba etella pele, mme ha a fihla a bea molamu hodima sefahleho sa ngwana, empa ngwana a se ke a bua, kapa a hlasimoloha. Ka baka leo, Gehasi a kgutla ho ya kgahlanyetsa Elisha, mme a mmolella, a re: “Ngwana ha a ya tsoha.”

32. Ha Elisha a kena ka tlung a fumana ngwana a le hodima bethe ya hae, a shwele.

33. Yaba o a kena, o ikwalla le ngwana, o rapela Morena.

34. A hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, a bea molomo wa hae molomong wa ngwana; mahlo a hae a eba hodima mahlo a ngwana, le matsoho a hae a eba hodima matsoho a ngwana. A paqama hodima ngwana, mme ngwana a qala ho futhumala.

35. Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha.

36. Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.”

2 Dikgosi 4