2 Dikgosi 4:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Elisha a re ho yena: “Nka o thusa kang? Ako mpolelle: O na le eng ka tlung ya hao?”Mosadi a re: “Lekgabunyane la hao ha le sa na letho ka tlung, haese pitsana ya ole feela.”

3. Yaba Elisha o re: “Tsamaya, o yo adima dipitsana tse sa tshelang letho, ho bohle bao o ahisaneng le bona. O hle o adime tse ngata.

4. Ha o se o kene ka tlung ya hao, o ikwalle kateng le bara ba hao. Jwale o tshele ole ka dipitsaneng tsohle, mme pitsana e tlalang o e beelle kathoko.”

5. Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona.

6. Ha dipitsana tsena di se di tletse tswete, a re ho mora wa hae: “Ntlisetse e nngwe hape.”Mora wa hae a re ho yena: “Ha ho sa na e nngwe.” Yaba ole e kgaotsa ho tswa.

7. Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.”

8. Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse.

9. Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokomela hore monna enwa ya fapohelang mona ho rona kamehla, ke monna ya halalelang wa Modimo.

10. A re ke re hahe kamorenyana kahodima marulelo, re mmeele bethe, le tafole, le setulo, le lebone, e le hore kamehla ha a re fapohetse, a no phomola ka ho yona.”

11. Ka letsatsi le leng Elisha a fihla moo, a kena ka kamoreng, a phomola kateng.

12. Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha.

13. Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: <O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho?> ”Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.”

14. Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?”Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.”

2 Dikgosi 4