10. A re ke re hahe kamorenyana kahodima marulelo, re mmeele bethe, le tafole, le setulo, le lebone, e le hore kamehla ha a re fapohetse, a no phomola ka ho yona.”
11. Ka letsatsi le leng Elisha a fihla moo, a kena ka kamoreng, a phomola kateng.
12. Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha.
13. Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: <O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho?> ”Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.”
14. Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?”Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.”
15. Elisha a re: “Mmitse hape!” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a ema monyako.
16. Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.”Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.”
17. Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella.
18. Ka letsatsi le leng, ha ngwana a se a hodile, a tsamaya, a ya ho ntatae, ho bakotudi.
19. A re ho ntatae: “Hlooho ya ka e a opa! Hlooho ya ka e a opa!”Ntatae a re ho mohlankanyana e mong: “Mo ise ho mmae!”
20. Mohlankanyana eo a mo nka, a mo isa ho mmae. Mmae a mo sika ho fihlela hara mpa ya motsheare, mme yaba o a shwa.
21. Mosadi enwa a mo isa kamoreng ya Elisha, a mmea betheng ya moporofeta eo wa Modimo, a tswa, a mo kwalla ka tlung.
22. A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.”