2 Dikgosi 4:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”

2. Elisha a re ho yena: “Nka o thusa kang? Ako mpolelle: O na le eng ka tlung ya hao?”Mosadi a re: “Lekgabunyane la hao ha le sa na letho ka tlung, haese pitsana ya ole feela.”

3. Yaba Elisha o re: “Tsamaya, o yo adima dipitsana tse sa tshelang letho, ho bohle bao o ahisaneng le bona. O hle o adime tse ngata.

4. Ha o se o kene ka tlung ya hao, o ikwalle kateng le bara ba hao. Jwale o tshele ole ka dipitsaneng tsohle, mme pitsana e tlalang o e beelle kathoko.”

5. Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona.

6. Ha dipitsana tsena di se di tletse tswete, a re ho mora wa hae: “Ntlisetse e nngwe hape.”Mora wa hae a re ho yena: “Ha ho sa na e nngwe.” Yaba ole e kgaotsa ho tswa.

7. Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.”

8. Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse.

2 Dikgosi 4