9. Jwale dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, tsa tsamaya leeto la matsatsi a supileng, metsi a nowang ke bahlabani le diphoofolo a ba a fela.
10. Yaba kgosi ya Iseraele e re: “Jo! Morena o bitsitse dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe!”
11. Jwale Jehoshafate a re: “Na moporofeta wa Morena ha a yo moo, eo re ka reng a re botsete ho Morena?”E mong wa bahlanka ba kgosi ya Iseraele a araba, a re: “Elisha, mora wa Shafate, o teng mona. Ke yena eo e neng e le mosebeletsi wa Elia.”
12. Jehoshafate a re: “Elisha ke moporofeta wa Morena.” Yaba dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, di theohela ho yena.
13. Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “O nkene kang? Tsamaya, o yo botsa baporofeta ba ntatao, le baporofeta ba mmao!”Empa kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Tjhe, ke Morena ya bitsitseng dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe.”
14. Elisha a re: “Ka Morena wa mabotho, ya phelang, eo ke mo sebeletsang, hoja e ne e se ka baka la hobane ke hlompha Jehoshafate, kgosi ya Juda, le ho o sheba ke ne nke ke ka o sheba.
15. Ntlisetseng seletsi sa harepa!”Yare ha seletsi se ntse se letsa harepa ya sona, matla a Morena a theohela hodima Elisha,
16. mme a re: “Morena o bua tjena: <Tjheka mekoti kahara kgohlo ena.>
17. Hape Morena o bua tjena: <Le ke ke la bona moya kapa pula, empa kgohlo ena yona e tla tlala metsi, e le hore le tle le nwe, lona le diphoofolo tsa lona, le dipelesa tsa lona.>