2 Dikgosi 3:14-25 BIBELE (SSO89SO)

14. Elisha a re: “Ka Morena wa mabotho, ya phelang, eo ke mo sebeletsang, hoja e ne e se ka baka la hobane ke hlompha Jehoshafate, kgosi ya Juda, le ho o sheba ke ne nke ke ka o sheba.

15. Ntlisetseng seletsi sa harepa!”Yare ha seletsi se ntse se letsa harepa ya sona, matla a Morena a theohela hodima Elisha,

16. mme a re: “Morena o bua tjena: <Tjheka mekoti kahara kgohlo ena.>

17. Hape Morena o bua tjena: <Le ke ke la bona moya kapa pula, empa kgohlo ena yona e tla tlala metsi, e le hore le tle le nwe, lona le diphoofolo tsa lona, le dipelesa tsa lona.>

18. Mahlong a Morena hona ke ntho e nyenyane, hobane Morena o tla neelana ka Bamoabe matsohong a lona.

19. Le tla timetsa metse yohle e nang le diqhobosheane, le metse yohle ya ditletle le reme le difate tsohle tse ntle, le kate didiba tsohle, le senye le masimo a matle ka ho hasanya majwe hara wona.”

20. Ka la hosasane, ka nako ya ha ho etswa nyehelo ya dijo, ba bona metsi a hlaha, a etswa nqa Edomo, mme naha ya tlala metsi.

21. Ha Bamoabe bohle ba utlwa hore dikgosi di nyolohile ho tla ba futuhela, ba kgobokanya bohle ba neng ba ka nka dihlomo, ho tloha ho ba banyenyane, ho ya fihla ho ba baholo, mme ba fihla ba hloma meeding.

22. Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, mme ha letsatsi le phatsima hodima metsi, Bamoabe ba bona metsi a kapele ho bona a le mafubedu, a re tlere!

23. Yaba ba re: “Hona ke madi! Ruri dikgosi tsena di lwantshane, tsa bolayana. He! Bamoabe, lelobelo ke leo!”

24. Ha Bamoabe ba fihla diahelong tsa Baiseraele, Baiseraele ba raoha, ba futuhela Bamoabe, hoo Bamoabe ba bileng ba baleha. Empa Baiseraele ba tsamaya ba ntse ba ba etsa mofela ho ya fihla naheng ya habo bona.

25. Ba heletsa metse, mme masimong wohle a matle monna ka mong a akgela lejwe la hae, masimo ao a tlala majwe. Ba kata didiba tsohle, ba rema le difate tsohle tse ntle. Ke motse wa Kire-Harese feela o sa kang wa heletswa; leha ho le jwalo, bo-ramatjeketjane ba o potapota, ba o ruthutha ka majwe.

2 Dikgosi 3