1. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Jorame, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi.
2. A etsa bobe mahlong a Morena, le hoja bo sa ka ba ba bokaalo ka ba ntatae le ba mmae. O ile a tlosa sefika sa Baale, seo ntatae a neng a se hlomme.
3. Leha ho le jwalo, a nna a kgomarela sebe seo Jeroboame, mora wa Nebate, a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena ka sona.
4. Mesha, kgosi ya Moabe, e ne e le morui wa dinku. Ka selemo se seng le se seng o ne a ntshetsa kgosi ya Iseraele lekgetho ka dikonyana tse dikete tse lekgolo, le ka boya ba dipheleu tse dikete tse lekgolo.
5. Empa hoba Akabe a shwe, kgosi ya Moabe ya fetohela kgosi ya Iseraele.
6. Yaba kgosi Jorame o tloha Samaria, o kgobokanya mabotho wohle a Iseraele.
7. A romela molaetsa ho Jehoshafate, kgosi ya Juda, a re: “Kgosi ya Moabe e mphetohetse; na re tla ya le wena ho ya futuhela Bamoabe?”Kgosi ya Juda ya re: “Ke tla ya. Rona le wena re ntho e le nngwe; setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao, le dipere tsa ka ke dipere tsa hao.”
8. Jehoshafate a ba a botsa, a re: “Re tla nka tsela efe ha re futuha?”Jorame a araba, a re: “Re tla nka tsela ya lehwatata la Edomo.”
9. Jwale dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, tsa tsamaya leeto la matsatsi a supileng, metsi a nowang ke bahlabani le diphoofolo a ba a fela.
10. Yaba kgosi ya Iseraele e re: “Jo! Morena o bitsitse dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe!”
11. Jwale Jehoshafate a re: “Na moporofeta wa Morena ha a yo moo, eo re ka reng a re botsete ho Morena?”E mong wa bahlanka ba kgosi ya Iseraele a araba, a re: “Elisha, mora wa Shafate, o teng mona. Ke yena eo e neng e le mosebeletsi wa Elia.”
12. Jehoshafate a re: “Elisha ke moporofeta wa Morena.” Yaba dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, di theohela ho yena.