2. Motse oo wa etsetswa thibella ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya kgosi Sedekiya.
3. Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone selemong sona seo, tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela.
4. Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng.
5. Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi, ba e tshwara ha e le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.
6. Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng.
7. Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.
8. Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.
9. Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso.
10. Bahlabani bohle ba Bakalatiya, ba neng ba ena le molaodi wa balebedi, ba heletsa marako a potapotileng Jerusalema.
11. Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.