18. Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.
19. Hona motseng moo a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba bahlano, ba bao e neng e le baeletsi ba kgosi, bao a fumaneng ba ntse ba le moo motseng. A thopa le mongodi e moholo wa molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, ba neng ba le teng moo motseng.
20. Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho bana, a ba isa Ribela, ho kgosi ya Babilona.
21. Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate.Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.
22. Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a kgetha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be yena mmusi wa Bajuda ba ileng ba sala moo.
23. Ha balaodi bohle ba mabotho, mmoho le bahlabani ba bona, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e kgethile Gedaleya hore e be mmusi, batho bana ba ya ho Gedaleya, a le Misepa: Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane, mora wa Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete wa Monetofa, le Jaasanea, mora wa monna ya ahileng Maaka; ba ya le bahlabani ba bona.
24. Gedaleya a ba hlapanyetsa, mmoho le bahlabani ba bona, a re: “Le tla iphelela hantle. Le se ke la tshaba ho ba bahlanka ba Bakalatiya. Ahang naheng ena, le sebeletse kgosi ya Babilona.”
25. Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa.
26. Setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane, le balaodi ba mabotho, sa balehela Egepeta, hobane se ne se tshaba Bakalatiya.
27. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, selemong sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho kenngwa tjhankaneng ha Jehoyakine, kgosi ya Juda, Efile-Merodake, kgosi ya Babilona, a qala ho busa. A hauhela Jehoyakine, kgosi ya Juda, a mo lokolla tjhankaneng.
28. Efile-Merodake a mo tshwara hantle, a mo nea hlompho e fetang eo a neng a e nea dikgosi tse ding tseo a di thopileng.
29. Jehoyakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara ha a le tjhankaneng, mme a jela tafoleng e le nngwe le kgosi ka matsatsi wohle a ho phela ha hae.
30. Ka letsatsi le leng le le leng, kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa.