2 Dikgosi 24:5-18 BIBELE (SSO89SO)

5. Diketso tse ding tsa Jehoyakime, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

6. Yaba Jehoyakime o a shwa, mme Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.

7. Kgosi ya Egepeta ya se ke ya hlola e futuha, hobane kgosi ya Babilona e ne e hapile tsohle tseo e neng e le tsa kgosi ya Egepeta, ho tloha molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Euferatese.

8. Jehoyakine o ne a ena le dilemo tse leshome le metso e robedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dikgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Nehusheta, moradi wa Elenathane, eo hahabo e neng e le Jerusalema.

9. Jehoyakine a etsa bobe mahlong a Morena, a latela tsohle tseo ntatae a neng a ile a di etsa.

10. Ka yona nako eo, balaodi ba mabotho a Nebukadenesare ba futuhela motse wa Jerusalema, ba o etsetsa thibella.

11. Ha balaodi bao ba mabotho a hae ba ntse ba etseditse motse oo thibella, Nebukadenesare a itlisa ka nama.

12. Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole.Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona.

13. Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.

14. A thopa baahi bohle ba Jerusalema, le mahosana wohle, le bahlabani bohle, kaofela e le bathopuwa ba dikete tse leshome. A thopa le ditsebi tsohle tsa mesebetsi ya matsoho, le malala wohle, ha se ke ha sala le ya mong, haese mafutsana a naha eo.

15. A thopa le Jehoyakine, le mmae, le basadi ba kgosi, le bahlanka ba yona ba mahaole, le bahlabani ba naha eo, a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona.

16. Bahlabani bohle ba dikete tse supileng, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala a sekete, le bohle ba dinatla, ba matsholathebe, le bona kgosi Nebukadenesare a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona.

17. Kgosi ya Babilona ya bea Mataneya, rangwana Jehoyakine, hore e be kgosi ya Juda, mme ya fetola lebitso la hae, ya mo rea la Sedekiya.

18. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia eo hahabo e neng e le Lebena.

2 Dikgosi 24