2 Dikgosi 24:15-20 BIBELE (SSO89SO)

15. A thopa le Jehoyakine, le mmae, le basadi ba kgosi, le bahlanka ba yona ba mahaole, le bahlabani ba naha eo, a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona.

16. Bahlabani bohle ba dikete tse supileng, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala a sekete, le bohle ba dinatla, ba matsholathebe, le bona kgosi Nebukadenesare a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona.

17. Kgosi ya Babilona ya bea Mataneya, rangwana Jehoyakine, hore e be kgosi ya Juda, mme ya fetola lebitso la hae, ya mo rea la Sedekiya.

18. Sedekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia eo hahabo e neng e le Lebena.

19. Sedekiya a etsa bobe mahlong a Morena, a latela tsohle tseo Jehoyakime a neng a ile a di etsa.

20. Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae.Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.

2 Dikgosi 24