2 Dikgosi 24:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha Jehoyakime a ntse a busa, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, mme a mo hlola; Jehoyakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Hamorao Jehoyakime a fetohela Nebukadenesare.

2. Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.

3. Tsena tsa etsahala ho Bajuda ka taelo ya Morena, hore a tle a ba hleke kapele ho mahlo a hae, ka baka la dibe tsohle tseo Manase a neng a di etse.

4. Hape e ne e le ka baka la madi a se nang molato, ao Manase a neng a a tsholle, a etsa hore madi a se nang molato a phalle kahohle Jerusalema; kahoo Morena a sitwa ho mo tshwarela.

5. Diketso tse ding tsa Jehoyakime, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

6. Yaba Jehoyakime o a shwa, mme Jehoyakine, mora wa hae, a mo hlahlama.

7. Kgosi ya Egepeta ya se ke ya hlola e futuha, hobane kgosi ya Babilona e ne e hapile tsohle tseo e neng e le tsa kgosi ya Egepeta, ho tloha molatswaneng wa Egepeta, ho ya fihla nokeng ya Euferatese.

2 Dikgosi 24