9. Leha ho le jwalo, baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha ba a ka ba atamela aletare ya Morena e Jerusalema, empa ba nna ba eja bohobe bo sa lomoswang, mmoho le baprista ba bang.
10. A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae.
11. A tlosa dipere tseo dikgosi tsa Juda di neng di di abetse letsatsi, tse neng di le monyako wa Tempele ya Morena, pela kamore ya Nathane-Meleke wa lehaole, mohlanka wa kgosi. Kamore ena e ne e le lebaleng la Tempele. Kgosi ya tjhesa dikariki tsa ntwa, tse neng di etseditswe letsatsi.
12. Dialetare tse neng di le hodima marulelo a ntlo e kahodimo, ya Akase, tse neng di hahilwe ke dikgosi tsa Juda, le dialetare tseo Manase a neng a di hahile mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena, kgosi ya di heletsa, ya di thua, ya lahlela kumokumo ya tsona ka molatswaneng wa Kiderone.
13. Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.
14. A thua difika tseo ba di kgumamelang, a diha ditshwantsho tsa Ashera, mme moo di neng di le hona teng a qhalla masapo a batho.
15. Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.