2 Dikgosi 23:22-33 BIBELE (SSO89SO)

22. Ruri ho ne ho eso ka ho etswa mokete wa Paseka o jwalo, ho tloha mehleng ya Baahlodi ba neng ba ahlolela Baiseraele; esita le mehleng ya dikgosi tsa Iseraele, kapa mehleng ya dikgosi tsa Juda.

23. Empa ka selemo sa leshome le metso e robedi, sa puso ya kgosi Josiya, Morena a etsetswa Paseka e jwalo, Jerusalema.

24. Kahodima mona, dinohe, le baloi, le medingwana ya malapa, le medingwana ya bohata, le dintho tsohle tse nyonyehang, tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema, Josiya a di fedisa, e le hore a phethahatse mantswe a Molao, a neng a ngotswe bukeng eo Hilekiya a ileng a e fumana ka Tempeleng ya Morena.

25. Pele ho yena ho ne ho eso ka ho eba le kgosi e kileng ya sebeletsa Morena jwaloka yena. A sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle, le ka moya wa hae wohle, le ka matla a hae wohle, ho ya ka Molao wohle wa Moshe. Le ho bahlahlami ba hae ha ho a ka ha eba le ya kang yena.

26. Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona.

27. Morena a re: “Ke tla hleka Juda kapele ho sefahleho sa ka, jwalokaha ke ile ka hleka Iseraele, le motse ona wa Jerusalema, oo ke o kgethileng, ka re: <Ke tla kgumamellwa ho wona,> le wona ke tla o lahla.”

28. Diketso tse ding tsa Josiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

29. Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo.

30. Bahlanka ba hae ba nka setopo sa hae Megido, ka kariki ya ntwa, ba se isa Jerusalema, ba se epela lebitleng la hae. Setjhaba sa naha eo sa tlotsa Jehowakase, mora wa hae, sa mmea hore e be kgosi, a hlahlame ntatae.

31. Jehowakase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa. A busa ka dikgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia, ya tswang motseng wa Lebena.

32. Jehowakase a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse.

33. Empa Faro Neko a mo kenya tjhankaneng Ribela, naheng ya Hamate, e le hore a se ke a busa Jerusalema. A ntshisa naha eo lekgetho la silefera e boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.

2 Dikgosi 23