15. Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.
16. Eitse ha Josiya a reteleha, a bona mabitla mosikong wa thaba, mme a roma maqosa hore a yo epolla masapo ka mabitleng ao. Masapo ao a a tjhesetsa hodima aletare, a e silafatsa, ho ya ka lentswe la Morena, leo moporofeta wa Modimo a neng a ile a le bolela ha a phatlalatsa dintho tsena.
17. Jwale Josiya a re: “Ke lebitla la mang leo, leo ke le bonang?”Banna ba motse ba mmolella, ba re: “Ke lebitla la moporofeta wa Modimo, ya neng a etswa Juda, mme a bolela dintho tsena tseo wena o di entseng ka aletare ya Bethele.”
18. Yaba Josiya o re: “Mo tloheleng, ho se be motho ya epollang masapo a hae.” Kahoo ba tlohela masapo a hae, le masapo a moporofeta ya neng a etswa Samaria.
19. Le ditempelana tse neng di le dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo dikgosi tsa Iseraele di neng di halefise Morena ka ho di haha metseng ya Samaria, Josiya a di heletsa, a di etsa seo a ileng a se etsa Bethele.
20. Baprista bohle ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba le moo, a ba bolaela hodima dialetare tseo, a tjhesetsa le masapo a batho hodima tsona, a nto kgutlela Jerusalema.
21. Kgosi Josiya a laela setjhaba sohle, a re: “Etsang mokete wa Paseka ya Morena Modimo wa lona, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ena ya Selekane.”
22. Ruri ho ne ho eso ka ho etswa mokete wa Paseka o jwalo, ho tloha mehleng ya Baahlodi ba neng ba ahlolela Baiseraele; esita le mehleng ya dikgosi tsa Iseraele, kapa mehleng ya dikgosi tsa Juda.
23. Empa ka selemo sa leshome le metso e robedi, sa puso ya kgosi Josiya, Morena a etsetswa Paseka e jwalo, Jerusalema.
24. Kahodima mona, dinohe, le baloi, le medingwana ya malapa, le medingwana ya bohata, le dintho tsohle tse nyonyehang, tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema, Josiya a di fedisa, e le hore a phethahatse mantswe a Molao, a neng a ngotswe bukeng eo Hilekiya a ileng a e fumana ka Tempeleng ya Morena.
25. Pele ho yena ho ne ho eso ka ho eba le kgosi e kileng ya sebeletsa Morena jwaloka yena. A sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle, le ka moya wa hae wohle, le ka matla a hae wohle, ho ya ka Molao wohle wa Moshe. Le ho bahlahlami ba hae ha ho a ka ha eba le ya kang yena.
26. Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona.
27. Morena a re: “Ke tla hleka Juda kapele ho sefahleho sa ka, jwalokaha ke ile ka hleka Iseraele, le motse ona wa Jerusalema, oo ke o kgethileng, ka re: <Ke tla kgumamellwa ho wona,> le wona ke tla o lahla.”