2. Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.
3. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae, kgosi Josiya a roma mongodi wa hae Shafane, mora wa Asaleya, setloholo sa Meshulame; a mo roma Tempeleng ya Morena, a re:
4. “Tsamaya, o yo bolella Hilekiya, Moprista e Moholo, hore a bale tjhelete e tlisitsweng ka Tempeleng ya Morena, eo balebedi ba monyako ba e amohetseng ho setjhaba.
5. Tjhelete ena ba e nee basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena, mme bao ba lefe ba etsang mosebetsi wa ho thiba dikgeo tsa Tempele ya Morena.
6. Ba e nee dibetli tsa mapolanka, le dihahi, le dibetli tsa majwe; ba reke le mapolanka le majwe a betlilweng, ho lokisa Tempele.”
7. Ka baka la botshepehi ba bona, ha ba a ka ba botswa letho mabapi le tjhelete eo ba e neilweng.
8. Yaba Hilekiya, Moprista e Moholo, o re ho Shafane, eo e neng e le mongodi: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena.” Hilekiya a nea Shafane buka eo, mme Shafane a e bala.
9. Jwale Shafane eo e neng e le mongodi, a fihla ho kgosi, a e tliseditse molaetsa, a re: “Bahlanka ba hao ba bokeletse tjhelete e neng e le ka Tempeleng. Ba e neile basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena.”
10. Shafane, eo e neng e le mongodi, a bontsha dikgosi buka, a re: “Buka ena ke e neilwe ke Hilekiya, Moprista e Moholo.” Yaba Shafane o e balla kgosi.
11. Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona.
12. Kgosi ya laela moprista Hilekiya, le Ahikama, mora wa Shafane, le Akabore, mora wa Mmikiya, le Shafane eo e neng e le mongodi, le Asaya, mohlanka wa kgosi, ya re:
13. “Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le setjhaba, le morabe wohle wa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, kaha bo-ntata rona ba sa ka ba mamela mantswe a buka ena, leha e le ho phetha tse ho itsweng re di etse.”