1. Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jedida, moradi wa Adaya, ya tswang motseng wa Bosekate.
2. Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.
3. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae, kgosi Josiya a roma mongodi wa hae Shafane, mora wa Asaleya, setloholo sa Meshulame; a mo roma Tempeleng ya Morena, a re:
4. “Tsamaya, o yo bolella Hilekiya, Moprista e Moholo, hore a bale tjhelete e tlisitsweng ka Tempeleng ya Morena, eo balebedi ba monyako ba e amohetseng ho setjhaba.
5. Tjhelete ena ba e nee basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena, mme bao ba lefe ba etsang mosebetsi wa ho thiba dikgeo tsa Tempele ya Morena.
6. Ba e nee dibetli tsa mapolanka, le dihahi, le dibetli tsa majwe; ba reke le mapolanka le majwe a betlilweng, ho lokisa Tempele.”
7. Ka baka la botshepehi ba bona, ha ba a ka ba botswa letho mabapi le tjhelete eo ba e neilweng.
8. Yaba Hilekiya, Moprista e Moholo, o re ho Shafane, eo e neng e le mongodi: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena.” Hilekiya a nea Shafane buka eo, mme Shafane a e bala.