2 Dikgosi 22:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Josiya o ne a ena le dilemo tse robedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jedida, moradi wa Adaya, ya tswang motseng wa Bosekate.

2. Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.

3. Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae, kgosi Josiya a roma mongodi wa hae Shafane, mora wa Asaleya, setloholo sa Meshulame; a mo roma Tempeleng ya Morena, a re:

4. “Tsamaya, o yo bolella Hilekiya, Moprista e Moholo, hore a bale tjhelete e tlisitsweng ka Tempeleng ya Morena, eo balebedi ba monyako ba e amohetseng ho setjhaba.

5. Tjhelete ena ba e nee basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena, mme bao ba lefe ba etsang mosebetsi wa ho thiba dikgeo tsa Tempele ya Morena.

6. Ba e nee dibetli tsa mapolanka, le dihahi, le dibetli tsa majwe; ba reke le mapolanka le majwe a betlilweng, ho lokisa Tempele.”

7. Ka baka la botshepehi ba bona, ha ba a ka ba botswa letho mabapi le tjhelete eo ba e neilweng.

8. Yaba Hilekiya, Moprista e Moholo, o re ho Shafane, eo e neng e le mongodi: “Ke fumane Buka ya Molao ka Tempeleng ya Morena.” Hilekiya a nea Shafane buka eo, mme Shafane a e bala.

9. Jwale Shafane eo e neng e le mongodi, a fihla ho kgosi, a e tliseditse molaetsa, a re: “Bahlanka ba hao ba bokeletse tjhelete e neng e le ka Tempeleng. Ba e neile basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena.”

10. Shafane, eo e neng e le mongodi, a bontsha dikgosi buka, a re: “Buka ena ke e neilwe ke Hilekiya, Moprista e Moholo.” Yaba Shafane o e balla kgosi.

11. Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona.

2 Dikgosi 22