7. Setshwantsho se betlilweng sa Ashera, seo a neng a se entse, a se hloma ka Tempeleng eo Morena a neng a bue ka yona ho Davida le ho mora wa hae Solomone, a re: “Ka Tempeleng ena, le mona Jerusalema, eo ke e kgethileng hara meloko yohle ya Iseraele, ke moo ke tla kgumemellwa teng kamehla yohle.
8. Haeba Baiseraele ba ka hlokomela ho phetha tsohle tseo ke ba laetseng tsona, ho ya ka Molao wohle, oo mohlanka wa ka Moshe a ba laetseng wona, nke ke ka hlola ke etsa hore ba tswe naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata bona.”
9. Empa ha ba a ka ba mamela; Manase a ba kgelosa, mme ba etsa bobe bo fetang le ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.
10. Yaba Morena o bua ka bahlanka ba hae, baporofeta, o re:
11. “Manase, kgosi ya Juda, o entse manyala ana, o bile o entse le bokgopo bo fetang ba Baamore, ba bileng teng pele ho yena, mme o entse hore ba morabe wa Juda ba etse sebe ka ho rapela medingwana ena ya hae ya ditshwantsho.
12. Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke tla dihela koduwa e kgolo hodima Jerusalema le Juda, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.
13. Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha.
14. Bao e leng masalla a setjhaba sa ka ke tla ba furalla, ke neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, ba fetohe batlatlapuwa le bathopuwa ba dira tsohle tsa bona,
15. hobane ba entse bobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisa ho tloha mohla bo-ntata bona ba tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno.> ”
16. Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.
17. Diketso tse ding tsa Manase, le sebe seo a ileng a se etsa, le tsohle tseo a di entseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
18. Manase a shwa, mme a epelwa tshimong e bitswang ya Usa, ya ntlo ya hae ya bokgosi. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.
19. Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshulemete, moradi wa Haruse, wa motse wa Joteba.
20. Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.