2 Dikgosi 21:20-26 BIBELE (SSO89SO)

20. Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.

21. A tsamaya mehlaleng yohle ya ntatae, a sebeletsa medingwana ya bohata, a e kgumamela, jwalokaha ntatae a ne a ile a e sebeletsa.

22. A furalla Morena Modimo wa bo-ntatae, a se ke a tsamaya ka tsela ya Morena.

23. Yaba bahlanka ba kgosi Amona ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.

24. Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera kgosi Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.

25. Diketso tse ding tsa Amona di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

26. Amona a epelwa lebitleng la hae, tshimong e bitswang ya Usa, mme Josiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

2 Dikgosi 21