12. Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke tla dihela koduwa e kgolo hodima Jerusalema le Juda, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.
13. Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha.
14. Bao e leng masalla a setjhaba sa ka ke tla ba furalla, ke neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, ba fetohe batlatlapuwa le bathopuwa ba dira tsohle tsa bona,
15. hobane ba entse bobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisa ho tloha mohla bo-ntata bona ba tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno.> ”
16. Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.
17. Diketso tse ding tsa Manase, le sebe seo a ileng a se etsa, le tsohle tseo a di entseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
18. Manase a shwa, mme a epelwa tshimong e bitswang ya Usa, ya ntlo ya hae ya bokgosi. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.
19. Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshulemete, moradi wa Haruse, wa motse wa Joteba.
20. Amona a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha Manase, ntatae, a ne a ile a etsa.
21. A tsamaya mehlaleng yohle ya ntatae, a sebeletsa medingwana ya bohata, a e kgumamela, jwalokaha ntatae a ne a ile a e sebeletsa.
22. A furalla Morena Modimo wa bo-ntatae, a se ke a tsamaya ka tsela ya Morena.
23. Yaba bahlanka ba kgosi Amona ba a mo rera, ba mmolaela ka tlung ya hae.
24. Empa setjhaba sa naha eo sa bolaya bohle ba ileng ba rera kgosi Amona, mme sa bea Josiya, mora wa hae, hore e be kgosi.