2 Dikgosi 21:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Yaba Morena o bua ka bahlanka ba hae, baporofeta, o re:

11. “Manase, kgosi ya Juda, o entse manyala ana, o bile o entse le bokgopo bo fetang ba Baamore, ba bileng teng pele ho yena, mme o entse hore ba morabe wa Juda ba etse sebe ka ho rapela medingwana ena ya hae ya ditshwantsho.

12. Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke tla dihela koduwa e kgolo hodima Jerusalema le Juda, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.

13. Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha.

14. Bao e leng masalla a setjhaba sa ka ke tla ba furalla, ke neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, ba fetohe batlatlapuwa le bathopuwa ba dira tsohle tsa bona,

15. hobane ba entse bobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisa ho tloha mohla bo-ntata bona ba tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno.> ”

16. Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.

17. Diketso tse ding tsa Manase, le sebe seo a ileng a se etsa, le tsohle tseo a di entseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

2 Dikgosi 21