6. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano. Wena, le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa ka lebaka la ka, le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida.> ”
7. Yaba Esaya o re: “Tlisang polokwana ya mangangajane a feiye!” Ba e nka, ba e tlamella hodima lethopa, mme a fola.
8. Jwale Hesekiya a re ho Esaya: “Pontsho ya hore Morena o tla mphodisa, le hore ke tla be ke nyolohele ka Tempeleng ya Morena ka letsatsi la boraro, e tla ba efe?”
9. Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?”
10. Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.”
11. Yaba moporofeta Esaya o rapela Morena, mme Morena a tjhetjhisetsa moriti morao ka mehato e leshome, eo o neng o se o e tsamaile, hodima letlapa le supang nako le entsweng ke Akase.
12. Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae.
13. Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.