2 Dikgosi 20:2-12 BIBELE (SSO89SO)

2. Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re:

3. “Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.

4. Esaya o ne a eso tswe ka lebaleng le kahare, ha lentswe la Morena le fihla ho yena, le re:

5. “Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: <Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.

6. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano. Wena, le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa ka lebaka la ka, le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida.> ”

7. Yaba Esaya o re: “Tlisang polokwana ya mangangajane a feiye!” Ba e nka, ba e tlamella hodima lethopa, mme a fola.

8. Jwale Hesekiya a re ho Esaya: “Pontsho ya hore Morena o tla mphodisa, le hore ke tla be ke nyolohele ka Tempeleng ya Morena ka letsatsi la boraro, e tla ba efe?”

9. Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?”

10. Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.”

11. Yaba moporofeta Esaya o rapela Morena, mme Morena a tjhetjhisetsa moriti morao ka mehato e leshome, eo o neng o se o e tsamaile, hodima letlapa le supang nako le entsweng ke Akase.

12. Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae.

2 Dikgosi 20