12. Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae.
13. Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.
14. Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?”Hesekiya a araba, a re: “Ba tswa naheng e hole, ya Babilona.”
15. Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?”Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka, leo ke sa ba bontshang lona.”
16. Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena:
17. <Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,> ho rialo Morena.
18. Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.”
19. Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.”
20. Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
21. Jwale Hesekiya a shwa, mme Manase, mora wa hae, a mo hlahlama.