9. Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.”Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.”
10. Elia a re ho yena: “O kopile ntho e thata. Leha ho le jwalo, haeba o ka mpona ha ke tloswa ho wena, kopo ya hao e tla phethahatswa, empa haeba o ke ke wa mpona, e ke ke ya phethahala.”
11. Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.
12. Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare.
13. Elisha a nka seaparo sa Elia, se ileng sa wa, yaba o a kgutla, o fihla a ema hodima lebopo la Jorodane.
14. A nka sona seaparo seo sa Elia, se ileng sa wa, a phutla metsi ka sona, a re: “O hokae Morena Modimo wa Elia?” Elisha le yena ha a phutla metsi, metsi ao a arohana, mme a tshela.
15. Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena.
16. Ba re ho yena: “Bona mona, rona bahlanka ba hao re na le banna ba mashome a mahlano ba dinatla. Re a o rapela: Ako ba dumelle ba yo batla monga hao. Mohlomong Moya wa Modimo o ile wa mo nkela hodimo, wa ya mo lahlela hodima thaba e nngwe, kapa kahara kgohlo e nngwe.”Empa Elisha a re ho bona: “Le se ke la ba roma!”
17. Ha ba ntse ba mo qopheletse, ho fihlela a be a hlajwa ke dihlong, a re: “Ba romeng!” Ka lebaka leo, ba roma banna ba mashome a mahlano. Ba mmatla ka matsasi a mararo, empa ba se ke ba mo fumana.
18. Ha ba boetse ba kgutlela ho Elisha, ya neng a ntse a setse Jeriko, a re ho bona: “Na ha ke a ka ka re ho lona: <Se keng la ya>?”
19. Banna ba motse wa Jeriko ba re ho Elisha: “Jwalokaha le wena, monga rona, o bona, motse ona o dutse botleng, empa metsi a oona a mabe, le naha ena ke letswatlare.”
20. Elisha a re ho bona: “Ntlisetseng sekotlolo se setjha, le tshele letswai ka ho sona.” Ba mo tlisetsa sona.