15. Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena.
16. Ba re ho yena: “Bona mona, rona bahlanka ba hao re na le banna ba mashome a mahlano ba dinatla. Re a o rapela: Ako ba dumelle ba yo batla monga hao. Mohlomong Moya wa Modimo o ile wa mo nkela hodimo, wa ya mo lahlela hodima thaba e nngwe, kapa kahara kgohlo e nngwe.”Empa Elisha a re ho bona: “Le se ke la ba roma!”
17. Ha ba ntse ba mo qopheletse, ho fihlela a be a hlajwa ke dihlong, a re: “Ba romeng!” Ka lebaka leo, ba roma banna ba mashome a mahlano. Ba mmatla ka matsasi a mararo, empa ba se ke ba mo fumana.
18. Ha ba boetse ba kgutlela ho Elisha, ya neng a ntse a setse Jeriko, a re ho bona: “Na ha ke a ka ka re ho lona: <Se keng la ya>?”
19. Banna ba motse wa Jeriko ba re ho Elisha: “Jwalokaha le wena, monga rona, o bona, motse ona o dutse botleng, empa metsi a oona a mabe, le naha ena ke letswatlare.”
20. Elisha a re ho bona: “Ntlisetseng sekotlolo se setjha, le tshele letswai ka ho sona.” Ba mo tlisetsa sona.
21. A ya mohloding wa sediba, a tshela letswai ka ho oona, a re: “Morena o bua tjena: <Ke ngakile metsi ana. Ho tloha jwale a ke ke a hlola a bolaya, kapa a etsa hore naha e be letswatlare.> ”
22. Ho ya ka polelo eo Elisha a neng a e bue, metsi ao haesale a ngakeha ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
23. Ho tloha moo Elisha a nyolohela Bethele. Ha a ntse a nyoloha ka tsela, bashanyana ba tswang motseng ba mo soma, ba re ho yena: “Nyoloha, ralefatla towe! Nyoloha, ralefatla towe!”
24. A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.
25. Ho tloha moo a ya thabeng ya Karamele, mme ha a tloha teng a kgutlela Samaria.