2 Dikgosi 2:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale.

2. Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.”Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.

3. Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Bethele, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?”Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”

4. Elia a re ho Elisha: “Elisha, sala mona, ke a o rapela, hobane Morena o nthomile Jeriko.”Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Yaba ba ya Jeriko.

5. Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Jeriko, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?”Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”

6. Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Jorodane.”Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Ba tswela pele bobedi ba bona.

7. Banna ba mashome a mahlano, ba sehlopha sa baporofeta, ba ema sebakana, ba tadima ha ba babedi bao ba ema pela Jorodane.

8. Elia a hlobola seaparo sa hae, a se phutha, mme a phutla metsi ka sona. Metsi a arohana, mme bobedi ba bona ba tshela mobung o ommeng.

9. Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.”Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.”

10. Elia a re ho yena: “O kopile ntho e thata. Leha ho le jwalo, haeba o ka mpona ha ke tloswa ho wena, kopo ya hao e tla phethahatswa, empa haeba o ke ke wa mpona, e ke ke ya phethahala.”

11. Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.

12. Ha Elisha a bona hona a howeletsa, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!” Yare ha a se a sa mmone, a tshwara diaparo tsa hae, a di tabola ka lehare.

2 Dikgosi 2