29. “ <Sena e tla ba pontsho ho wena:Monongwaha le tla ja matshwabodi,isao le je tse tswalwang ke dirite;ka sa boraro le tla jala le kotule,le hlome morara,le je tholwana tsa ona.
30. Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha,ho hlahe tlobo le letjha, a anafale,
31. Jerusalema ho tla ba le masalla,thabeng ya Sioneho be le ba phonyohileng,hona ho phethahatswa ke Morena,ka tjheseho.>
32. “Ka baka lena, Morena ha a buaka kgosi ya Asiria o re:<Kgosi eo e ke keya kena ho ona motse,e ke ke ya o fula ka motsu,kapa ya o futuhela e tshwere thebe,kapa ya o hahela marako a thibella.
33. E tla kgutla le mehlala ya yona,e ke ke ya kena ho ona motse,>ho rialo Morena.
34. <Motse ona ke tla o sireletsa,ke o pholose,ke o pholosetse nnale mohlanka wa ka Davida.> ”
35. Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.
36. Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.
37. Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.