17. “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba le dinaha tsa tsona;
18. di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, mme ke kahoo e timeditsweng.
19. Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”
20. Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele o bua tjena: <Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria.>
21. Morena o buile mantswe ana, malebana le Saneheribe:“ <Moradi wa Sione, wa morwetsana,o o nyedisitse, a o ja tlepane;moradi wa Jerusalemao o thukuthela hlooho.
22. O omantse mang, wa mo ja tlepane?Ke mangeo o ntseng o mo kgaruma?Ke mangeo o mo tlodisang mahlo hodimo?Ke yena Ya Halalelang, wa Iseraele!
23. Ka maqosa a haoo omantse Morena, wa re:“Ka tshwele la kariki tsa ka tsa ntwa,ke hlwele meqasa,ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone;ka rema metsukutsukuya kedare tsa teng,ka rema difatetse kgethehileng tsa moo;ka kenella hareharekgutlong tsa teng,ka kenella harehare mefidibithing.
24. Ka tjheka didiba,ka nwa metsi a baditjhaba,maoto a ka a pshesamelatswana yohle ya Egepeta.”
25. “ <Ha o eso utlwehore di entswe ke nna kgalekgale?Ka di bopa mehleng ya boholoholo?Jwale, ke nna ya entsenghore o be teng,o tlo timetsa metsee haheleditsweng,o e timetse, e be masupi.
26. Baahi ba tsona ba fellwa ke matla,ba tsieleha, ba tsherehana;ba ba jwaloka jwang ba naha,ba ba jwaloka semela se setalana,jwaloka sehlethelesa jwang hodima ntlo,jwaloka koro e phutsange eso tswale.
27. “ <Feela ke tseba leaho la hao,ke tseba mesebetsi ya haole ho mpurumela ha hao.