1. Ha kgosi Hesekiya a utlwa ditaba tsena a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe, a kena ka Tempeleng ya Morena.
2. Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.
3. Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: <Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho ba beleha ha a yo.
4. Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.> ”
5. Ha bahlanka ba kgosi Hesekiya ba fihla ho Esaya,
6. yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: <Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona.
7. Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.> ”
8. Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena.
9. Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:
10. “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: <O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.
11. O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang?
12. Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?
13. E kae kgosi ya Hamate, le kgosi ya Arepade, le kgosi ya motse wa Sefarafaime, le ya Hena, le ya Ifa?> ”
14. Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena.
15. A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.
16. Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang.
17. “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba le dinaha tsa tsona;
18. di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, mme ke kahoo e timeditsweng.