2 Dikgosi 18:2-8 BIBELE (SSO89SO)

2. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abi, moradi wa Sakariya.

3. Hesekiya a etsa tse lokileng mahlong a Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.

4. A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.

5. Hesekiya a tshepa Morena Modimo wa Iseraele. Hara dikgosi tsa Juda tse ileng tsa mo hlahlama, esita le tse bileng teng pele ho yena, ha ho a ka ha eba le kgosi, le e nngwe, e kileng ya tshwana le yena.

6. O ne a kgomaretse Morena, a sa phetse ho mo latela. A boloka melao eo Morena a neng a e laetse Moshe.

7. Morena a ba le Hesekiya, mme a atleha ho tsohle tseo a neng a di etsa. Yaba Hesekiya o fetohela kgosi ya Asiria, o hana ho e sebeletsa.

8. A hlola Bafilesita ho ya fihla Gasa, a hapa metse le metsana yohle ya yona.

2 Dikgosi 18