2. O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abi, moradi wa Sakariya.
3. Hesekiya a etsa tse lokileng mahlong a Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.
4. A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.
5. Hesekiya a tshepa Morena Modimo wa Iseraele. Hara dikgosi tsa Juda tse ileng tsa mo hlahlama, esita le tse bileng teng pele ho yena, ha ho a ka ha eba le kgosi, le e nngwe, e kileng ya tshwana le yena.
6. O ne a kgomaretse Morena, a sa phetse ho mo latela. A boloka melao eo Morena a neng a e laetse Moshe.
7. Morena a ba le Hesekiya, mme a atleha ho tsohle tseo a neng a di etsa. Yaba Hesekiya o fetohela kgosi ya Asiria, o hana ho e sebeletsa.
8. A hlola Bafilesita ho ya fihla Gasa, a hapa metse le metsana yohle ya yona.
9. Ka selemo sa bone sa puso ya kgosi Hesekiya, seo e neng e le sa bosupa sa puso ya Hoshea, mora wa Ela, kgosi ya Iseraele, Salemanesere, kgosi ya Asiria, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.
10. Kamora dilemo tse tharo a e hapa. Samaria ya hapuwa ka selemo sa botshelela sa puso ya Hesekiya, e leng sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Iseraele.
11. Kgosi ya Asiria ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria. Ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane; ya ba bea le metseng ya Bamede.
12. Tsena di ile tsa etsahala hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona. Ba ne ba ile ba roba selekane sa Morena; le tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba laetse tsona, ba ne ba sa ka ba di mamela, leha e le ho di phetha.
13. Ka selemo sa leshome le metso e mene sa puso ya kgosi Hesekiya, Saneheribe, kgosi ya Asiria, a futuhela metse yohle ya Juda, e neng a haheleditswe, mme a e hapa.
14. Hesekiya, kgosi ya Juda, a romela molaetsa Lakishe, ho kgosi ya Asiria, a re: “Ke sitilwe; ke a o kopa: Ako kgaotse ho mphutuhela, mme ke tla ntsha lekgetho leo o le batlang.” Kgosi ya Asiria ya re ho kgosi ya Juda e ntshe lekgetho la silefera e boima ba dikilo tsa dikete tse leshome, le kgauta e boima ba dikilo tse sekete.
15. Hesekiya a mo nea silefera yohle e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi.
16. Ka yona nako eo, Hesekiya, kgosi ya Juda, a manolla kgauta eo a neng a e manehile mamating a Tempele ya Morena, le hodima dikosene, a e romela ho kgosi ya Asiria.
17. Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.