16. Ka yona nako eo, Hesekiya, kgosi ya Juda, a manolla kgauta eo a neng a e manehile mamating a Tempele ya Morena, le hodima dikosene, a e romela ho kgosi ya Asiria.
17. Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.
18. Yare hoba ba bitse kgosi, ha tla ho bona Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo.
19. Molaodi wa ntwa a re ho bona: “Bolellang Hesekiya, le re ho yena: <Kgosi e kgolo, kgosi ya Asira, e bua tjena, e re: Ntshepedi-ya-ntshepe, eo o nang le yona kgotodiyeng, ke efe?
20. O re o na le boeletsi le bonatla ntweng, empa polelo ena ke ya molomo feela. Ebe o tshepile mang, ha o mphetohetse tjee?
21. Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.
22. Empa haeba o re ho nna: Re tshepile Morena Modimo wa rona, na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ho ba Jerusalema: Le tla rapella kapele ho aletare ee, le le Jerusalema?
23. “ <Ka baka leo, ke o tswela kgomo: Etsa ditumellano le monga ka, kgosi ya Asiria, mme ke tla o nea dipere tse dikete tse pedi, haeba o na le ba ka di palamang.
24. Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka?
25. Na ke futuhetse naha ee, ho tla e timetsa, e se ka taelo ya Morena? Morena o ile a re ho nna: Futuhela naha ena, o e timetse!> ”
26. Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, le Shebena, le Jowa, ba re ho molaodi wa ntwa: “Re a o kopa: Ako bue Searame le bahlanka ba hao, hobane re a se tseba. O se ke wa bua Seheberu moo batho bana ba lerakong ba ntseng ba utlwa.”
27. Empa molaodi wa ntwa a re ho bona: “Na monga ka o nthomme ho monga lona, le ho lona feela, ho tla bua mantswe aa? Tjhe, o nthomme le ho banna bano ba dutseng hodima lerako, ba tla ja masepa a bona, ba nwe le moroto wa bona, jwalokaha le lona le tla etsa jwalo.”
28. Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria!
29. Kgosi e bua tjena: <Le se ke la thetswa ke Hesekiya, hobane a ke ke a le pholosa matsohong a ka.
30. Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.>
31. “Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: <Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae,
32. ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa.“ <Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!