7. Tsena di etsahetse kahobane setjhaba sa Iseraele se ne se ile sa sitelwa Morena Modimo wa sona, ya neng a ile a se ntsha naheng ya Egepeta, tlasa puso ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme sa sebeletsa medimo e meng.
8. Hape sa latela meetlo ya ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho sona, le meetlo e qapilweng ke dikgosi tsa Iseraele.
9. Ka sekgukgu bana ba Iseraele ba etsa dintho tse sa kgahliseng Morena Modimo wa bona. Ba ikgahela dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng yohle ya bona, e menyenyane le e meholo.
10. Ba hloma difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera hodima maralla wohle, le katlasa difate tsohle tse talana.
11. Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena.
12. Hape ba kgumamela medingwana ya ditshwantsho eo Morena a ileng a bua ka yona, a re: “Le se ke la e kgumamela.”
13. Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.”
14. Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mamela, ba eba manganga jwaloka bo-ntata bona, ba sa kang ba tshepa Morena Modimo wa bona.
15. Ba hana ditaelo, ba kwenehela selekane seo Morena a neng a se etse le bo-ntata bona, le ditemoso tsa hae, tseo a neng a ba lemose ka tsona. Ba latela mafeela, mme le bona ba fetoha mafeela. Ba etsisa bahetene ba neng ba ahelane le bona, athe Morena o ne a ile a ba laela hore ba se ke ba ba etsisa.
16. Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.
17. Ba etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba bona le ka baradi ba bona; ba sebedisa bonohe le boloi, ba etsa bokgopo mahlong a Morena, hore ba mo halefise.
18. Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela.
19. Le bona Bajuda ha ba a ka ba boloka melao ya Morena Modimo wa bona, hobane ba ile ba etsa tseo Baiseraele ba neng ba ile ba di etsa.
20. Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.
21. Morena a arohanya Baiseraele ho ba ntlo ya Davida, yaba Baiseraele ba bea Jeroboame, mora wa Nebate, hore e be kgosi ya bona. Jeroboame a kgelosa Baiseraele hore ba se hlole ba latela Morena, mme a etsa hore ba sitelwe Morena haholo.