2 Dikgosi 17:31-39 BIBELE (SSO89SO)

31. Ba tswang Afa ba iketsetsa modimo o bitswang Nibehase le Taretake; ba tswang Sefara bona ba etsa dinyehelo tsa setjheso ka bana ba bona, ba di etsetsa Adarameleke le Anameleke, e leng medimo ya Sefarafaime.

32. Leha batho bana ba ne ba ntse ba hlompha Morena, ba ile ba ikethela baprista mefuteng yohle ya bona, ba neng ba ba etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.

33. Ba ne ba hlompha Morena, empa ba ntse ba sebeletsa medimo eo ya bona, jwalokaha ba ne ba ntse ba e sebeletsa dinaheng tseo ba tswang ho tsona.

34. Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.

35. Ke bona bao Morena a neng a etse selekane le bona, mme a ba laela, a re: “Le se ke la hlompha medimo e meng, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, kapa ho e etsetsa mahlabelo.

36. Empa le hlomphe Morena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta ka matla a maholo, le ka letsoho le otlolohileng. Le kgumamele yena, mme le etsetse yena mahlabelo.

37. Kamehla yohle le boloke ditaelo le melao eo a le ngoletseng yona, mme le se ke la hlompha medimo e meng.

38. Le se ke la lebala selekane seo ke se entseng le lona, mme le se ke la hlompha medimo e meng,

39. le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.”

2 Dikgosi 17