2 Dikgosi 17:13-30 BIBELE (SSO89SO)

13. Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.”

14. Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mamela, ba eba manganga jwaloka bo-ntata bona, ba sa kang ba tshepa Morena Modimo wa bona.

15. Ba hana ditaelo, ba kwenehela selekane seo Morena a neng a se etse le bo-ntata bona, le ditemoso tsa hae, tseo a neng a ba lemose ka tsona. Ba latela mafeela, mme le bona ba fetoha mafeela. Ba etsisa bahetene ba neng ba ahelane le bona, athe Morena o ne a ile a ba laela hore ba se ke ba ba etsisa.

16. Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.

17. Ba etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba bona le ka baradi ba bona; ba sebedisa bonohe le boloi, ba etsa bokgopo mahlong a Morena, hore ba mo halefise.

18. Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela.

19. Le bona Bajuda ha ba a ka ba boloka melao ya Morena Modimo wa bona, hobane ba ile ba etsa tseo Baiseraele ba neng ba ile ba di etsa.

20. Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.

21. Morena a arohanya Baiseraele ho ba ntlo ya Davida, yaba Baiseraele ba bea Jeroboame, mora wa Nebate, hore e be kgosi ya bona. Jeroboame a kgelosa Baiseraele hore ba se hlole ba latela Morena, mme a etsa hore ba sitelwe Morena haholo.

22. Bana ba Iseraele ba etsa dibe tsohle tseo Jeroboame a ileng a di etsa, ba se ke ba di tlohela;

23. ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.

24. Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona.

25. Ha ba ne ba qala ho fihla moo, ba ne ba sa hlomphe Morena. Ka baka leo, Morena a ba romella ditau, tsa bolaya ba bang ba bona.

26. Ka hona ba tsebisa kgosi ya Asiria, ba re: “Ditjhaba tseo o di tlositseng moo di neng di ahile teng, mme wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo. Ka baka leo, Modimo eo o di rometse ditau; di bolaya ditjhaba tseo, hobane ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo.”

27. Yaba kgosi ya Asiria e laela, e re: “Tsamayang le e mong wa baprista bao le ileng la ba tlisa mona, a yo dula moo, mme a ba rute molao wa Modimo wa naha eo.”

28. Jwale e mong wa baprista ba neng ba thopilwe Samaria a tsamaya, a ya aha Bethele, mme a ba ruta ho hlompha Morena.

29. Leha ho le jwalo, setjhaba ka seng sa iketsetsa medimo ya sona, sa e bea ditempelaneng tse dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ha tsona, tseo Basamaria ba neng ba di hahile. Setjhaba ka seng se ne se etsa jwalo metseng eo se neng se ahile ho yona.

30. Bafaladi ba tswang Babilona ba iketsetsa modimo o bitswang Sukote-Benote; ba tswang Kuta ba iketsetsa o mong o bitswang Neregale; ba tswang Hamate ba iketsetsa o bitswang Ashima.

2 Dikgosi 17