2 Dikgosi 17:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi Akase e le kgosi ya Juda, Hosea, mora wa Ela, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, a le Samaria. O ile a busa ka dilemo tse robong.

2. A etsa bobe mahlong a Morena, empa e seng jwaloka dikgosi tsa Iseraele tse bileng teng pele ho yena.

3. A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho.

4. Kgosi ya Asiria ya hlokomela hore Hoshea o se a e fetohetse, hobane o ne a ile a romela maqosa ho So, kgosi ya Egepeta, a bile a se a sa ntshe le lekgetho jwalokaha a ne a ntse a etsa ka selemo le selemo. Ka lebaka lena, kgosi ya Asiria ya mo tshwara, ya mo kwalla tjhankaneng.

5. Jwale kgosi ya Asiria ya futuhela naha yohle, ya nto futuhela Samaria, ya etsetsa motse oo thibella ka dilemo tse tharo.

6. Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.

7. Tsena di etsahetse kahobane setjhaba sa Iseraele se ne se ile sa sitelwa Morena Modimo wa sona, ya neng a ile a se ntsha naheng ya Egepeta, tlasa puso ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme sa sebeletsa medimo e meng.

8. Hape sa latela meetlo ya ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho sona, le meetlo e qapilweng ke dikgosi tsa Iseraele.

9. Ka sekgukgu bana ba Iseraele ba etsa dintho tse sa kgahliseng Morena Modimo wa bona. Ba ikgahela dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng yohle ya bona, e menyenyane le e meholo.

10. Ba hloma difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera hodima maralla wohle, le katlasa difate tsohle tse talana.

11. Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena.

12. Hape ba kgumamela medingwana ya ditshwantsho eo Morena a ileng a bua ka yona, a re: “Le se ke la e kgumamela.”

13. Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.”

14. Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mamela, ba eba manganga jwaloka bo-ntata bona, ba sa kang ba tshepa Morena Modimo wa bona.

15. Ba hana ditaelo, ba kwenehela selekane seo Morena a neng a se etse le bo-ntata bona, le ditemoso tsa hae, tseo a neng a ba lemose ka tsona. Ba latela mafeela, mme le bona ba fetoha mafeela. Ba etsisa bahetene ba neng ba ahelane le bona, athe Morena o ne a ile a ba laela hore ba se ke ba ba etsisa.

16. Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.

2 Dikgosi 17