6. Ka yona nako eo Resine, kgosi ya Arame, a boela a hapa motse wa Elate, mme a leleka Bajuda moo Elate. Baarame ba fihla Elate, mme le kajeno-ya-bokajeno ba sa ahile moo.
7. Akase a romela maqosa ho Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a re: “Nna ke mohlanka wa hao, le mora wa hao. Tloo, o tlo nnamolela matsohong a kgosi tsa Arame le Iseraele, tse mphutuhetseng.”
8. Akase a hahara silefera le kgauta ka Tempeleng ya Morena, le ka matloleng a ntlo ya kgosi, mme a di romela ho kgosi ya Asiria, e le mpho.
9. Kgosi ya Asiria ya ananela kopo ya Akase; ya futuhela Damaseka, ya e hapa, ya thopa le batho ba teng, ya ba isa Kire, mme ya bolaya Resine.
10. Kgosi Akase a ya Damaseka ho ya kopana le Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria. Ha a le moo, a bona aletare. Kgosi ya romella setshwantsho sa aletare eo, le diqaqiso tsa yona ho moprista Uriya.
11. Moprista Uriya a haha aletare eo ho ya ka diqaqiso tsohle tseo kgosi Akase a ileng a di romela a le Damaseka. Yaba o haha aletare eo kgosi Akase a eso kgutle Damaseka.
12. Ha kgosi e fihla ho tswa Damaseka, ya bona aletare, ya atamela ho yona, ya hlwella mehatong ya yona.
13. Kgosi ya tjhesetsa nyehelo ya yona ya setjheso, le nyehelo ya dijo hodima aletare eo, ya tshela le nyehelo ya yona ya dino hodima yona; ya foka hodima aletare ka madi a tse hlabetsweng ho etsa nyehelo ya teboho.
14. Kgosi Akase a tlosa aletare ya Morena, e entsweng ka lethose, e neng e le kapele ho Tempele, pakeng tsa aletare e ntjha le Tempele ya Morena, a e bea ka leboya ho aletare e ntjha.
15. Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.”
16. Moprista Uriya a etsa tsohle, ho ya ka taelo ya kgosi Akase.
17. Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe.