2 Dikgosi 15:5-21 BIBELE (SSO89SO)

5. Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.

6. Diketso tse ding tsa Asariya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.

7. Asariya a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.

8. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng.

9. A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha bo-ntatae ba nnile ba etsa; a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

10. Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso.

11. Diketso tse ding tsa Sakariya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

12. Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo.

13. Shalome, mora wa Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa pusa ya Usiya, kgosi ya Juda. A busa kgwedi, a le Samaria.

14. Menaheme, mora wa Gadi, o ne a ile a tloha Tiresa, a ya Samaria, moo a ileng a fihla a hlaba Shalome, mora wa Jabeshe, a mmolaya, mme a ikgapela puso.

15. Diketso tse ding tsa Shalome, le bohlabaphiyo boo a ileng a bo etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

16. Menaheme a ripitla motse wa Tifesa, le bohle ba neng ba le ka ho wona. A ripitla le batho ba naha e o potapotileng, ho tloha Tiresa, hobane ba ne ba ile ba re ho yena motse oo ha o kenwe. A o ripitla ka lona lebaka leo. Baimana ba motse oo a ba phatlola dimpa.

17. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Menaheme, mora wa Gadi, a qala ho busa Iseraele. A e busa ka dilemo tse leshome, a le Samaria.

18. A etsa bobe mahlong a Morena. Ka nako yohle ya bophelo ba hae, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

19. Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.

20. Menaheme o ne a ile a ntshisa barui ba Baiseraele sethabathaba, monna ka mong a ntsha ditjhelete tsa silefera tse ka bang boima ba halofo ya kilo, hore a tle a thelle kgosi ya Asiria ka tjhelete eo. Yaba kgosi ya Asiria e a kgutla, ya se ke ya dula naheng eo ya Iseraele.

21. Diketso tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.

2 Dikgosi 15