4. Feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.
5. Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.
6. Diketso tse ding tsa Asariya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
7. Asariya a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.
8. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng.
9. A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha bo-ntatae ba nnile ba etsa; a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
10. Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso.
11. Diketso tse ding tsa Sakariya di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.
12. Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo.